Diphetoho tse sa etswang ka ho Phethahala: Ho fenya Tshebetso tsa nakong e fetileng tsa Ho se Akaretse batho bohle mona Afrika Borwa Afrika Borwa e tswa hole pele ha ho qala ha demokerasi, empa diphetoho tsa yona di ntse di eso phethahale. Dipolelwana tse tharo tsa ho qala tsa Tjhata ya Tokoloho (Freedom Charter)—tokomane ya 1995 e bohlokwa nalaneng, e behang maikemisetso a ka sehloohong a mokgatlo wa demokerasi—e bile tsena (i) batho ba tla busa; (ii) dihlopha tsohle ka hara naha di tla ba le ditokelo tse lekanang; le (iii) batho ba tla abelana moruo wa naha. Le ha boholo ba maikemisetso a mabedi a ho qala bo se bo fihletswe haesale ho tloha ka dikgetho tsa ho qala tsa demokerasi ka 1994, bobe bo tswalwang ke nalane eo ho tswang ho yona bo ntse bo laolwa ke lekeno, leruo, le menyetla, ho sa qhellwe thoko le kgatelopele e itseng. Ka hoo, diphetoho tsa moruo ho tswa ho mokgwatshebetso wa ho se akaretse batho bohle tlasa tshebetso tsa kgethollo ke ntho e eso ka e phethahala. Bofuma bo theohile haholo haesale ho tloha ka 1994, empa ho se lekane ho ntse ho le hodimo ka ho fetisisang. Phihlelo e ntlafetseng ya ditshebeletso tsa motheo (jwalo ka motlakase, metsi le tsamaiso ya dikgwerekgwere), phano ya matlo a ka hodimo ho 4 miliyone ka mananeo a mmuso, le katoloso ya moputso wa kahisano ke dintho tse ntlafaditseng maemo a ho phela haholo bakeng sa dimiliyone tsa batho ba Afrika Borwa. Mokgwathebetso wa ditjhelete o nang le tswelopele, phihlelo e atolositsweng ya mekitlane, mesebetsi mekgeng ya mmuso le ya poraefete, le maano a ho fana ka menyetla ho bao ba neng ba sa e fuwe ho fokoditse ho se lekane ho pakeng tsa ba batsho le ba basweu ba Afrika Borwa, le ha ho se lekane hara setjhaba sa ba batsho ho ntse ho eketseha. Ka kakaretso, ho se lekane ho nyolohile haesale ho tloha ka 1994—mme nqeng tse ding maano a amohetsweng ke mmuso a thusitse ka tsela e bohlaswa ho ntshetsa pele hona. Ka ho ya ka dintlha tsa World Bank Group, Afrika Borwa e dula e ntse e le yona naha e nang le ho se lekane ho hoholo. Ho thehwa ha mesebetsi, haholoholo bakeng sa batjha, ke ntho ya bohlokwa haholo hore re tle re hlole nalane e siuuweng ya ho se akaretswe ha batho bohle. Mesebetsi hape ke ya bohlokwa bakeng sa ho haha selekane se matla sa setjhaba. Ho thehwa ha mesebetsi ka bongata bo boholo ho fokotsa ho se sireletsehe moruong mme ho thusa ho fetola moruo hore e be o nang le boemedi bo eketsehileng ba setjhaba. Empa e ka ba dipersente tse 60 feela tsa batho ba dilemong tsa ho sebetsa ba mona Afrika Borwa ba sebetsang, mme tlhokeho ya mesebetsi e ile hodimo (dipersente tse 27), haholoholo hara batjha (ka hodimo ho dipersente tse 50). Bakeng sa ho theha mesebetsi e eketsehileng, moruo o tshwanetse ho hola ka potlako haholo ho feta ka mora 1994. Empa ho se akaretswe ha batho bohle tabeng tsa mobu, mesebetsi, leruong, le mebarakeng ya dihlahiswa ho sitisana le kgolo. Ho sa le jwalo, ho se lekane ho hodimo le nalane ya ho se akaretse batho bohle ho ntshetsa pele dingangisano le ditsekisano tabeng tsa mehlodi ya thuso, ho eketsa le ho se be le bonnete ka leano le ho sitisana le matsete, mme hape ho kgella tlase le botsitso ba tsa ditjhelete ba dikgwebo tsa mmuso le bokgoni ba tsona ba ho fana ka ditshebeletso tsa setjhaba tse nang le boleng. Hona hape, ho amme kgolo haholo. Ha ho na le ditsekisano ka kabo ya lekeno le thepa mme palo e hodimo ya baahi ba naha e sa akaretswe ho menyetla ya mesebetsi hore ba be barui le bona hoo ho ba le kgatello selekaneng sa kahisano—selekane sa kahisano se se nang botsitso ke letshwao la diphetoho tse sa phethahalang. Dipheo tse pedi tsa World Bank Group ke ho thusa dinaha ho fedisa bofuma ho ya selemong sa 2030 le ho matlafatsa katleho e kopanetsweng (ke hore, ho fokotsa ho se lekane). Dipheo tsena di kenyelleditswe hape le ho Lenaneo la Ponelopele la Afrika Borwa e leng South Africa’s Vision 2030 le Moralong a Naha wa Ntshetsopele. World Bank Group e itokisetsa Moralo wa yona wa Tshebedisano le Dinaha wa 2019-2022 oo e batlang ho ba le yona le Afrika Borwa, mme e radile hoo ho thweng ke Systematic Country Diagnostic (SCD) [tshebetso ya ho utulla diphepetso le menyetla ya bohlokwa ya naha 1 bakeng sa ho potlakisa kgatelopele e lebileng ntshetsopeleng] ho matlafatsa kutlwisiso ya yona ya dithibelo tse ka sehloohong tsa ho fihlelwa ha dipheo tsena tse pedi. Le ha maikutlo a hlahiswang mona e le a World Bank Group, ona a bopile ditherisano tse tobileng le maAfrika Borwa, ho kenyelletswa le Khomishene ya Naha ya Thero, bahlanka ba mmuso, mokga wa poraefete, dirutehi, batjha, le ditho tsa mekgatlo ya basebetsi. Dintho tse batsi tse ka pele lenaneong tse hlwauweng di lebelletswe ho matlafatsa ho thehwa ha mesebetsi, le ho fokotsa bofuma le ho se lekane. Taba ena e utlwahala ka boipiletso ba hore ho be le “CODESA ya moruo� —ho tshwantshwa le ditherisano tsa Congress for a Democratic South Africa tse bileng teng mathwasong a dilemo tsa bo-1990, tse ileng tsa ba le sephetho sa diphetoho dipolotiking ho tloha tshebetsong tsa kgethollo ya aparteiti. Ho fenya nalane ena ya ho se akaretse batho bohle ho hloka tumellano e matla kahisanong, mme Puong ya Puo ya Palamente e mabapi le Maemo a Naha ka Hlakola 2018, Mopresidente Cyril Ramaphosa o ile a etsa kgweletso ya hore ho tla rerisanwa ka tumellano e ntjha ya kahisano ka tshebedisano mmoho le dikgwebo, mekgatlo ya basebetsi, le setjhaba ka kakaretso. Tumellano ena ke motheo wa bohlokwa oo re tla hahang bokamoso ba naha hodima ona. Mabapi le hona, mokga wa poraefete o tla tshwanela ho ba le seabo se mafolofolo haholo sa ho hlahisa leano le ho theha mesebetsi. SCD ena e hlwaya ditshitiso tse hlano tse ka hodimodimo. Tsona ke (i) botsebi bo sa lekanang; (ii) kabo e nang le leeme ya mobu le thepa ya tlhahiso, ekasitana le ditokelo tse fokolang tsa thepa; (iii) tlhodisano e tlase le dikamahano tse tlase tshebetsong tsa makgabane a lefatshe lohle le lebatoweng; (iv) dikgokahano tsa sebaka se nyenyane kapa tse turang le dibaka tsa bodulo tsa bao ba neng ba tingwa menyetla pejana tse sa fumaneng ditshebeletso tse lekaneng; le (v) ditshoso tsa tlelaemete: ho fetohela ho moruo o nang le khabone e tlase le ho sireletseha ha metsi. World Bank Group e bona bokgoni bo sa lekanang e le thibelo e kgolo tabeng ya ho fokotsa bofuma le ho se lekane. Bokgoni ke ntho ya bohlokwa haholo ho phepelo le tseko ya mesebetsi ka bobedi: bo nyolla tlhahiso ya basebetsi le bahwebi, bo thusa difeme hore di atolose tlhahiso ka ditheko tse hlodisanang, bo eketsa palo ya ba hirwang, bo tshehetsa paloyohle ya tseko, mme bo kenya letsoho kgolong ya moruo. Le ha kgatelopele e ntse e ba teng butle, diphetho tsa ho ithuta di ntse di fokola ha ho bapiswa le maemo a amohelehileng a lefatshe lohle ekasitana le lebatowa. Nalane e siuweng ke “Thuto e neng e behetswe ba Batsho feela� e tswela pele ho hanela Afrika Borwa ka bokgoni boo e bo hlokang mme e ba le seabo kgolong, tlhahisong le tlhodisanong e tlase, mmoho le tlhokehong e hodimo ya mesebetsi. Ho se lekane ho bonahala hape le dipolokong tsa ditjhelete tse tlase tsa malapa le malapa a mangata a nang le dikoloto tse hodimo. Lenaneo la Ponelopele ya 2030 le toboketsa ntlha ya hore ntlafatso ya boleng ba thuto ke ntho ya bohlokwa bakeng sa ntshetsopele ya naha. Kabo e nang le leeme le leholo ya mobu le thepa ya tlhahiso ke mohlodi wa ho se lekane le mathata a leng setjhabeng, a ntshetsang pele ditsekisano le dingangisano ka mehlodi ya thuso. Ditokelo tsa thepa di a fokola kapa di tlasa kgatello. Le ha ho na le kgatelopele e itseng, leruo le bong ba thepa e ntse e le ntho eo ho tsepamisitsweng maikutlo haholo ho yona. Mananeo a mmuso a phumantsho ya matlo a neha palo e hodimo ya malapa a futsanehileng thepa e bonahalang. Empa tshebetso tse fanang ka thepa e fokolang, haholoholo dibakeng tse futsanehileng le tsa rerwang semmuso, ho fokotsa boleng, ho kenyelletswa le seo ho ka tshwariswang ka sona mabapi le ho fumana dikadimo tsa ditjhelete. Tshireletso ya tokelo ya ho ba monga mobu dinaheng tse neng di tsejwa ka di-homeland ha e na botsitso. Ka baka leo, le moo mafutsana a nang le mobu, boleng ba thepa ena bo tlase. Kgweletso ya ho hapa mobu ntle le ditlhapiso mmoho le dintlha tsa Tjhata ya Merafo ya boraro ho ntshetsa pele matshwenyeho a ho ba le ditokelo tsa thepa. Tumellano e ntjha ya kahisano e tla batla tsela e hlakileng haholo mabapi le hore ke eng e lokelwang ho ajwa botjha hape—le hore na hoo ho tla etswa jwang—ho ntse ho netefatswa hore ditokelo tsa thepa tse sireletsehileng e ba mokgwa o tswellang bakeng sa ho tsetela. Ditokelo tsa thepa ke tsa 2 bohlokwa haholo bakeng sa maAfrika Borwa ohle ho lekanya thepa ya ona tshehetsong ya kgolo ya moruo, lekeno la malapa, le mesebetsi. Matlafatso y aba batsho moruong e tshwanetswe ho lekolwa ho etsa bonnete ba hore e ba e batsi ka sebele mme ho ntse ho fokotswa le diphetho tse mpe tse ka amang ho tsetela. Maemo a tlase a tlhodisano le dikamano tshebetsong tsa makgabane a lefatshe lohle le lebatowa a sitisa kgolo le ho thehwa ha mesebetsi. A boloka hape le ditheko di le hodimo, haholoholo bakeng sa mafutsana. Dibanka ka naha di kopane hantle haholo moruong wa lefatshe lohle, empa bahlahisi haesale ba ntse ba sireleditswe ke ditshitiso tsa tlhaho tsa kgwebo (mohlala, dibaka tse hole) le nalane ya ho nkela sebaka mokgwa wa ditswantle le tshehetso ya leano la indasteri. Mebaraka ya tlhahiso ya naha e na le ditshitiso tse hodimo tsa ho kena mme kopano ya yana e ya fokola moruong wa lefatshe lohle. Ka baka leo, dikgwebo ha di fumane menyetla ya ho hweba le dinaha tsa ka ntle mmoho le ho hola ka phetiso ya thekenoloji e amanang le ho ba le seabo tshebetsong tse nang le boleng. Hona ke bothata bo boholo bakeng sa difeme tse nyenyane tse sokolang ho fumana tseko tse ntjha moruong o emeng mme di tobana le ditshitiso tse behwang ke bao ba tshwereng. Tshitiso ya bokgoni e mpefatsa ditaba haholo, haholoholo ho utlwisa bohloko bahlahisi, dikgwebo tse nyenyane, le bahwebi le balemirui ba ntseng ba hlahella. Dipoelo tsa tlhahiso ho tswa tlhodisanong le tshibollong di a hlokeha hore ho tle ho hlahiswe thepa ka theko tse tlase bakeng sa maAfrika Borwa ohle, haholoholo mafutsana, ho dumella hore ditekanyetso tsa ditjhelete di atololohe. Ho dumella kgwebo hore e be le tlhodisano e tsamayang hantle haholo ho ka ba le melemo ka bobedi ya ho fenya ho se akaretswe ha maAfrika Borwa a neng a tingwa menyetla pejana, ekasitana le ho fedisa nalane ya ho qhellwa thoko ha naha mebarakeng ya lefatshe lohle. Ho se akaretswe ha batho bohle hape ho matlafatswa ke ho hokahana le ba bang ha nyenyane kapa ka mokgwa o hlokang ditjhelete tse ngata, le ditshebeletso tse fokolang tsa dibakeng tsa bodulo tsa bao ba neng ba tingwa menyetla pejana. Batho ba bangata ba Afrika Borwa ba tswela pele ho dula hole le moo ba sebetsang makeisheneng a sa fumaneng ditshebeletso tse lekaneng, dibakeng tsa mekhukhung, le dibakeng tsa mahaeng tse neng di tsejwa ka di-homeland. Hona ho etsa hore ho ya le ho kgutla moo ho bitse tjhelete e ngata haholo. Ho bile le bofalli bo hodimo ba batho ho tloha dibakeng tsa mahaeng ho tla ditoropong ho tla batla mesebetsi. Le ha bofalli bona bo tshehetsa phokotso ya bofuma, bo ka beha hape le ditshebeletso tse leng tsa mmuso kgatellong mme ba nyolla le dithulano kahisanong jwalo ka ha ba batjha ba fihlang ba hlodisana le badudi ba ntseng ba le teng bakeng sa mesebetsi, ditshebeletso, le kgwebo. Mmuso o entse maiteko a maholo a ho fokotsa mekgwa ena e nang le leeme ya dibaka, empa ka dinako tse ding e sebedise maiteko ao ka tsela e bohlaswa—Mohlala, ka ho amohela maano a phumantsho ya matlo a sa kgothaletseng ho se kene ditoropong ka bongata. Thero ya dibaka tsa ditoropong e tsepamisitse maikutlo haholo tabeng e tswellang ya ho kenya batho ka bongata ditoropong, empa hona ke tshebetso ya nako e telele. Dilemong tse itseng tse tlang, batho ba bangata ba Afrika Borwa ba tla nne ba dule dibakeng tse hole moo ho nang le menyetla e menyenyane ya mesebetsi. Phihlelo ya motlakase, metsi, tsamaiso ya dikgwerekgwere, ditliliniki tse tshwanetseng tsa mmuso le dikolo, ekasitana le ditshebeletso tsa ditjhelete e ntse e le ntho e fokolang dibakeng tseo, mme e theosa le menyetla ya kgolo, hape e hatella tlase le maemo a amohelehileng a ho phela. Ntlafatso ya ho hokelwa inthaneteng le phihlelo ya dikgokahano ka mehala ka ditjeho tse tlase ho ka thusa ho eketsa ditsela tsa ho iteanya. Ho fetoha ha tlelaemete ho tla baka ditjeho tse hodimo haholo ho Afrika Borwa, e tshepetseng haholo mashaleng ho matlafatsa moruo wa yona. Ho laola diphetoho tse tla tlisa khabone e tlase le ho rarolla ho se sireletsehe ha metsi e tla ba ntho ya bohlokwa haholo. Mashala a theko e tlase e bile e nngwe ya dintho tsa bohlokwa ntshetsopeleng ya naha, mme moruo o ntse o tshepetse haholo ho mashala bakeng sa eneji le ho rafa. Ha ho fetohelwa moruong wa khabone e tlase, leano le sebetsang la ho fokotsa khabone le a hlokeha ho etsa bonnete ba hore dikarolo tsa bohlokwa tsa moruo ha di amehe hampe. Hona ho kenyelletsa ho kenya tshebetsong lekgetho la khabone le ho lekanya matsete a poraefete paballong ya eneji le ho 3 dithekenoloji tsa eneji e hwekileng. Le ha ho fetoha ha tlelaemete ho eketsa diphephetso tsa metsi tsa naha, ho ha se mohlodi wa sebopeho sa kgeaello ya metsi. Kgolo ya setjhaba, toropofatso, le katoloso ya moruo ho eketsa tseko ya metsi, mme ho ba ka hodimo ho phepelo e behuweng. Ho rarolla taba ya kgaello ena ho tla hloka maano a shebaneng haholo le phepelo ya metsi, taolo, le tseko. Temothuo e nang le tlelaemete e ntle haholo e tla ba ya bohlokwa ho tiisetsa hore ho ba le tlhahiso e lekaneng ya dijo bakeng sa Afrika Borwa le lebatoweng mmoho le ho sireletsa maruo a borapolasi, jwalo ka ha hoo ho tla tiisetsa dihlahiswa tse tla kwala ditshoso tsa tlelaemete. Afrika Borwa ke naha e haellwang ke metsi, mme ho tla ba bohlokwa ho matlafatsa meralo ya taolo le ya ho tsetela bakeng sa phano e matla haholo ya ditshebeletso tsa metsi e tsamayang hantle haholo, ho ntse ho kgothaletswa basebedisi hore ba sebedise metsi ka paballo e hodimo. Ditheo tsa mmuso di sebeleditse Afrika Borwa hantle haholo. Seriti sa tsona se lokelwa ho tshehetswa le ho matlafatswa. Naha e na le mokgwatshebetso o matla wa demokerasi, ditshebeletso tsa baahi tse nang le bokgoni, le tshebetso tse matla tsa molao le toka tse ikemetseng le banka ya bohareng—ekasitana le mehlodi ya ditaba e matla. Bobodu, kapa “kgapo ya mmuso ka boqhekanyetsi�, haesale e ntse e kgella tlase boleng ba ditheo, haholoholo Dikgwebo tse ka Tlasa Mmuso e leng di-SOE ka bokgutshwane, ho tloha ka 2009. Toboketso e ntjhafetseng ya ho sebeletsa pepeneneng, mekgwatshebetso e matla ya ho fihlela thepa le ditshebeletso, ekasitana le boikarabelo (dibotong tsa mekga ka tlasa mmuso le e seng tlasa ona) ke dintho tse hlokehang bakeng sa ho etsa bonnete ba hore ho ba le phano ya ditshebeletso. Dintlafatso diphethong tsa thuto di tla thusa baahi ba naha hore ba kgone ho etsa hore mmuso o be le boikarabelo bo eketsehileng. Ditheo hape di ka matlafatswa ka ho ntlafatsa kgokahano ya leano, tebelo, le tekolo. Tshebeletso ya ho ithuta ya baahi e tsepamisitseng maikutlo dinthong tse ka sehloohong, e tsamaisana le ho kopana ha mafapha a mmuso, e ka ntlafatsa boleng ba ho kengwa tshebetsong ha leano, mme ho fokotse tlhodisano bakeng sa basebetsi le beng ba dikgwebo ba nang le botsebi le mokga wa poraefete. Ho fedisa tshebetso ya ho se kenyelletse batho bohle eo re e sietsweng ke puso ya pejana ke mosebetsi wa nako e telele, mme dintho tse lebelletsweng di tshwanetswe ho laolwa ka hloko. Afrika Borwa e tsamaile tsela e telele haholo ho tloha ka 1994, athe e lekile ka mekgwa yohle ho thibela moferefere o bakwang hara setjhaba se nang le ho se lekane ho hoholo. Ntlafalo moruong lefatsheng lohle, mmoho le maikemisetso a ntjhafaditsweng a boetapele ba dipolotiki bakeng sa ho matlafatsa ditheo le ho matlafatsa selekane sa kahisano, ho re neha monyetla o moholo haholo. Empa kgatelopele ya kahisano e nka nako. Taolo ya tse lebelletsweng e tla etsa bonnete ba hore ho nyahamisang ha ho kgelle tlase kgatelopele e tswellang ya Afrika Borwa ya ho leba ho Ponelopele ya 2030. SCD ena, e theilweng hodima diphuputso tse ntjha le tse ntseng di le teng ka bobedi, e hlahisitswe ka ho ba le ditherisano tse kenelletseng le batho mmoho le mekgatlo ya Afrika Borwa. Empa kgaello ya thuto e ntse e le teng. Dikarolo tseo sehlopha sa World Bank Group se nang le kgahleho ho tsona ho ya pele di kenyelletsa ho kena dipakeng tabeng tsa thuto ya motheo moo ho ka phahamiswang diphetho tsa ho ithuta bakeng sa mafutsana; ho ntlafatsa kgonahalo ya ho fihlela thuto e phahameng ka tshebedisano mmoho le mokga wa poraefete; ho ntshetsa pele moruo wa makeisheneng le wa dibakeng tsa mahae; ho lekola ka moo difeme tse nyenyane di ka tshehetsang kgolo le ho thehwa ha mesebetsi; ho matlafatsa mehlodi ya thuso ya naha ya metsi ka mokgwa o tswellang; ho lokisetsa basebetsi le baahi diphetoho tse tla etsa hore ho be le diphetoho tse tla theosa khabone; ho sebedisa bokgoni ba mehlodi ya thuso ya naha molemong wa bao ba neng ba tingwa menyetla pejana; le ho kgothaletsa ho tsetela haholo ka ho otloloha dinaheng tsa ka ntle. 4